2 Timothea
Khaolo 3:12-17
BIBELE e Halalelang
12Bohle ba ratang ho phela ka borapedi bo ho Jesu Kreste, ba tla hloriswa jwalo.
13Empa batho ba lonya, ba thetsang, ba ya nne ba tswele pele tshenyong, ba ntse ba thetsa, ba ntse ba thetswa.
14Empa haele wena, o eme ho tseo o ithutileng tsona, tseo o di tiiseditsweng, o ntse o tseba eo o ithutileng tsona ho yena;
15etswe le bonyenyaneng ba hao o hlile wa tseba Mangolo a Halalelang, a lokelang ho o hlalefisetsa ho bolokeha, ka ho dumela ho Jesu Kreste.
16Lengolo lohle le budutsweng ke Moya wa Modimo, le na le molemo wa ho ruta, wa ho kgodisa, wa ho laya, le wa ho hodisa ka kgolo ya ho loka;
17motho wa Modimo a tle a phethehe, mme a rutehele ruri mesebetsing yohle e molemo.