2 Timothea
Khaolo 4:11-17
BIBELE e Halalelang
11Luka o ho nna a nnotshi. O ntlele le Mareka, o mo tlise, hobane o molemo ho nna tshebetsong ya lentswe.
12Tikike yena ke mo rometse Efese.
13O ntlele le kobo eo ke e siileng Trowase ha Karpuse, le tsona dibuka, haholo dipampiri tsa matlalo.
14Aleksandere, setei sa koporo, o nkentse hampe haholoholo. Morena o tla busetsa ho yena ho lekanang mesebetsi ya hae.
15O iponele bakeng sa hae, hobane o lwantshitse ditaba tsa rona ka matla.
16Mohla ke ikarabelang ka la pele, kgotla, ha ho a ka ha eba motho ya nkemelang; empa ba ne ba ntahle bohle; Modimo o se ke wa ba bea molato wa hoo.
17Empa Morena a nkemela, mme a nkenya matla, hore polelo ya Evangeli ya hae e phethehe ka nna, mme ditjhaba tsohle di e utlwe; mme ke namoletswe molomong wa tau.