2 Timothea
Khaolo 4:5-11
BIBELE e Halalelang
5Empa haele wena, fadimeha nthong tsohle, o mamelle bohloko, o etse mosebetsi wa mmoledi wa Evangeli, o phethisise tshebetso ya hao.
6Hobane, haele nna, ke se ke tla etswa sehlabelo, mme nako ya ho falla ha ka e se e le haufi.
7Ke lwanne ntwa e molemo, ke mathile ka qeta sebaka, ke bolokile tumelo.
8Ho setseng e se e le ho amohela moqhaka wa ho loka oo ke o behetsweng, oo Morena, moahlodi ya lokileng, a tlang ho nnea wona ka letsatsi lela, e seng nna feela, le bohle ba ratileng ho tla ha hae.
9Akofa ho tla ho nna kapele;
10hobane Demase o ntahlile ka ho rata lefatshe la jwale, mme o ile Thesalonika; Kresense o ile Galatia, Tite Dalmatia.
11Luka o ho nna a nnotshi. O ntlele le Mareka, o mo tlise, hobane o molemo ho nna tshebetsong ya lentswe.