2 Timothea
Khaolo 4:8-14
BIBELE e Halalelang
8Ho setseng e se e le ho amohela moqhaka wa ho loka oo ke o behetsweng, oo Morena, moahlodi ya lokileng, a tlang ho nnea wona ka letsatsi lela, e seng nna feela, le bohle ba ratileng ho tla ha hae.
9Akofa ho tla ho nna kapele;
10hobane Demase o ntahlile ka ho rata lefatshe la jwale, mme o ile Thesalonika; Kresense o ile Galatia, Tite Dalmatia.
11Luka o ho nna a nnotshi. O ntlele le Mareka, o mo tlise, hobane o molemo ho nna tshebetsong ya lentswe.
12Tikike yena ke mo rometse Efese.
13O ntlele le kobo eo ke e siileng Trowase ha Karpuse, le tsona dibuka, haholo dipampiri tsa matlalo.
14Aleksandere, setei sa koporo, o nkentse hampe haholoholo. Morena o tla busetsa ho yena ho lekanang mesebetsi ya hae.