Jakobo
Khaolo 1:4-10
BIBELE e Halalelang
4mme mamello e ka kgona e phethehe tshebetsong ya yona, le tle le be ba phethehileng, ba hodileng ruri, bao ho sa hlokweng letho ho bona.
5Ha e mong ho lona a hloka bohlale, a bo kope ho Modimo, o sitsang bohle ka phano e kgolo, o se na ho kganana, mme o tla bo newa.
6Feela, a kope ka tumelo, a se ke a dikadika; hobane motho ya dikadikang o jwaloka leqhubu la lewatle le tsukutlwang, le akgelwang hohle ke moya.
7Ya jwalo a se ka a tshepa hobane a ka newa letho ke Morena.
8Ke motho ya pelo tse pedi, ya dikadikang metsamaong ya hae yohle.
9Modumedi wa mofutsana a ithabele boholong ba hae.
10Morui yena a ithabele bofutsaneng ba hae; hobane o tla fela jwaloka palesa ya jwang.