Jakobo
Khaolo 2:16-22
BIBELE e Halalelang
16mme e mong ho lona a re ho bona: Eyang ka kgotso, le futhumale, le kgore! athe ha le a ba nea tse batlwang ke mmele ya bona, ho thusang?
17Ka mokgwa o jwalo, le yona tumelo, ha e se na mesebetsi, e itjhweletse ruri.
18Empa e mong o tla re: Wena, o na le tumelo; nna, ke na le mesebetsi; mpontshe he tumelo ya hao ho se mesebetsi, mme nna ke tla o bontsha tumelo ya ka ka mesebetsi ya ka.
19O dumela hobane Modimo o mong feela: O etsa hantle; empa le bona batemona ba dumela, mme ba thothomela.
20Motho wa lefeela, na o rata ho tseba hobane tumelo e se nang mesebetsi e shwele na?
21Na Abrahama, ntata rona, ha a ka a bewa ya lokileng ke mesebetsi, mohla a hlahisang mora wa hae, Isaaka, hodima aletare na?
22O a bona hobane tumelo ya hae e sebedisane le mesebetsi ya hae, mme tumelo ya hae e phethilwe ke mesebetsi,