Jakobo
Khaolo 2:8-14
BIBELE e Halalelang
8Ha le phetha molao oo e leng morena hara melao, kamoo o ngodilweng kateng ka ho re: Rata wa heno jwalokaha o ithata, le etsa hantle.
9Empa ha le ya ka tshobotsi ya batho, le etsa sebe, mme le tsuwa ke molao, ka hore le batlodi ba wona.
10Hobane leha e mong a ka boloka melao yohle, a mpa a tlola o le mong feela, eba o se a ikentse ya molato ho yona yohle.
11Hobane ya itseng: O se ke wa feba, le hona o itse: O se ke wa bolaya. Jwale, leha o sa febe, o mpa o bolaya, o se o le motlodi wa molao.
12Buang, mme le etse ka mokgwa o tshwanelang ba tlang ho ahlolwa ke molao wa tokoloho.
13Hobane kahlolo e ke ke ya eba le mohau ho ya sa etsang ka mohau; empa mohau o ithorisa hodima kahlolo.
14Banabeso, ho thusang, leha motho a ka re, o na le tumelo, empa a se na mesebetsi? Na tumelo eo e ka mmoloka na?