Jakobo
Khaolo 3:1-4
BIBELE e Halalelang
1Banabeso, le se ke la ipea baruti kaofela, le tswe le tseba le tseba hobane ke moo re tla hlahelwa ke kahlolo e fetisang ka bothata.
2Hobane bohle re kgoptjwa nthong tse ngata. Ekare ha e mong a sa kgoptjwe dipuong, eo ke monna ya phethehileng, ya ka tsebang ho busa le mmele kaofela.
3Bonang, re kenya ditomo ka hanong ho dipere, hore di tle di re utlwe, mme re tsamaisa mmele wohle wa tsona kamoo re ratang kateng.
4Bonang le tsona dikepe; leha di le kgolo hakalo, mme di fefolwa ke meya e bohale, di fetolwa ka lemati le lenyenyane, mme di ye hohle moo thato ya motsamaisi wa tsona e hopotseng teng.