Jakobo
Khaolo 3:14-18
BIBELE e Halalelang
14Empa ha ekaba le ena le mona o bohloko le kgang ka dipelong tsa lona, le se ke la ithorisa, mme le se ke la etsa leshano, ka ho sitelwa nnete.
15Bohlale boo hase bo tswang hodimo, empa ke ba lefatshe, ba nama, ba batemona.
16Hobane moo mona le kgang di leng teng, ke moo ho leng moferefere le mesebetsi yohle e mebe.
17Empa bohlale bo tswang hodimo, taba ya bona ya pele, bo hlwekile, hape bo na le kgotso, bo bonolo, bo rekoloha kapele, bo tletse mohau le ditholwana tse monate, ha bo fetofetohe, ha bo na boiketsiso.
18Mme tholwana tsa ho loka di jallwa kgotsong ho ba etsang kgotso.