Jakobo
Khaolo 3:5-11
BIBELE e Halalelang
5Ka mokgwa o jwalo, le lona leleme, leha e le sethwana se senyenyane, le ithorisa ka tse kgolo. Bonang, mollwana o monyenyane o ka tjhesa moru o mokakang!
6Le lona leleme ke mollo, ke naha ya bokgopo; mokgwa wa leleme hara ditho tsa rona, ke ho silafatsa mmele kaofela, ke ho kenya kganare tseleng yohle ya kgolo ya motho, etswe le hoteditswe ke mollo wa dihele.
7Athe mefuta yohle ya diphoofolo, le ya dinonyana, le ya dihahabi, le ya tse phelang lewatleng, e na le ho thapiswa, mme e se e kile ya thapiswa ke batho.
8Haele leleme, tjhe, lona ha ho motho ya tsebang ho le thapisa; ke bobe bo sa hlolweng; le tletse mahloko a bolayang.
9Ka lona, re ye re boke Modimo Ntate; ka lona hape, re rohake batho ba entsweng ka setshwantsho sa Modimo.
10Molomong o le mong ho tswa poko le thohako! Banabeso, taba ha di a tshwanela ho dula jwalo.
11Na sediba se ka kolla ka mothapo o le mong metsi a monate le a babang na?