Jakobo
Khaolo 4:7-13
BIBELE e Halalelang
7Ka baka leo, ipeeng katlase ho Modimo, le hanele Diabolose, mme o tla le balehela.
8Atamelang Modimo, mme o tla le atamela. Baetsadibe, hatlelang, mme lona ba pelo di pedi, hlatswang dipelo tsa lona.
9Hlomohang dipelo, le lle, le bokolle; ditsheho tsa lona di fetohe dillo, thabo ya lona e fetohe maswabi.
10Ikokobetseng pela Morena, mme o tla le phahamisa.
11Le se ke la sebana, banabeso. Ya sebang ngwanabo, kapa ya ahlolang ngwanabo, o seba molao, o ahlola molao; mme ha o ahlola molao, ha o moetsi wa molao, empa o le moahlodi wa wona.
12Mmei wa molao o mong, ke yena ya nang le matla a ho boloka le a ho timetsa; wena o mang ha o ahlola ba bang?
13Jwale, ke bua le lona ba reng: Kajeno, kapa hosasane, re tla ya motseng wa hore hoitseng, re tla dula teng selemo se le seng, re tla hweba teng, re tla rua;