Johanne
Khaolo 1:1-6
BIBELE e Halalelang
1Lentswe le ne le le tshimolohong, mme Lentswe le ne le le ho Modimo, mme Lentswe e ne e le Modimo.
2Le ne le le ho Modimo tshimolohong.
3Dintho tsohle di entswe ke lona, mme hara dintho tse leng teng, ha ho letho le entsweng kantle ho lona.
4Bophelo bo ne bo le ho lona, mme bophelo e ne e le lesedi la batho.
5Mme lesedi le kganya lefifing, mme lefifi ha le a ka la le amohela.
6Monna a hlaha, a romilwe ke Modimo, lebitso la hae e le Johanne.