Johanne
Khaolo 1:30-36
BIBELE e Halalelang
30Ke enwa eo ke mmoletseng, ka re: Kamorao ho nna ho tla monna ya bileng teng pele ho nna, kahobane a ne a le pele ho nna.
31Le nna ke ne ke sa mo tsebe; empa ke tlile ho kolobetsa ka metsi, a tle a bonahatswe ho Iseraele.
32Johanne a paka, a re: Ke bone Moya o theoha lehodimong, o kang leeba, wa ba wa dula hodima hae.
33Le nna ke ne ke sa mo tsebe; empa ya nthomileng ho kolobetsa ka metsi, ke yena ya neng a mpoleletse, a re: Eo o tla bona Moya o theohela ho yena, mme o dula hodima hae, ke yena ya kolobetsang ka Moya o Halalelang.
34Le nna ke bone, mme ke pakile hore enwa ke Mora Modimo.
35Ka hosasane, Johanne o ne a eme teng hape hammoho le barutuwa ba hae ba le babedi.
36A tadima Jesu a feta, a re: Bonang, ke Konyana ya Modimo.