Johanne
Khaolo 1:33-39
BIBELE e Halalelang
33Le nna ke ne ke sa mo tsebe; empa ya nthomileng ho kolobetsa ka metsi, ke yena ya neng a mpoleletse, a re: Eo o tla bona Moya o theohela ho yena, mme o dula hodima hae, ke yena ya kolobetsang ka Moya o Halalelang.
34Le nna ke bone, mme ke pakile hore enwa ke Mora Modimo.
35Ka hosasane, Johanne o ne a eme teng hape hammoho le barutuwa ba hae ba le babedi.
36A tadima Jesu a feta, a re: Bonang, ke Konyana ya Modimo.
37Barutuwa ba babedi bao ba mo utlwa a rialo, ba ba ba latela Jesu.
38Jesu eitse ha a reteleha, mme a ba bona ba mo latela, a re ho bona:
39Le batlang? Ba re ho yena: Rabbi, — ke ho re, moruti, ha ho fetolwa — o dutse kae?