Johanne
Khaolo 1:46-52
BIBELE e Halalelang
46Filipi a fihlela Nathanaele, a re ho yena: Re fumane eo Moshe a ngodileng taba tsa hae molaong, le baporofeta ba di ngodile; ke Jesu wa Nasaretha, mora Josefa.
47Nathanaele a re ho yena: Na ntho e molemo e ka tswa Nasaretha na? Filipi a re ho yena: Tloo, o bone.
48Jesu a bona Nathanaele a etla ho yena, a mmolela, a re: Bonang Moiseraele wa sebele, eo ho seng mano ho yena.
49Nathanaele a re ho yena: O ntsebela kae? Jesu a araba, a re ho yena: Ke o bone, Filipi a eso ho o bitse, o le tlasa sefate sa feiye.
50Nathanaele a araba, a re ho yena: Rabbi, o Mora wa Modimo, o morena wa Iseraele!
51Jesu a araba, a re ho yena: O dumela kahobane ke o boleletse hore ke o bone tlasa sefate sa feiye; o tla bona tse kgolo ho tseo.
52A ba a re ho yena: Kannetenete ke re ho lona: Ho qala jwale, le ya nne le bone lehodimo le phetlilwe, le mangeloi a Modimo a nyoloha, a ba a theohela hodima Mora motho.