Johanne
Khaolo 1:5-11
BIBELE e Halalelang
5Mme lesedi le kganya lefifing, mme lefifi ha le a ka la le amohela.
6Monna a hlaha, a romilwe ke Modimo, lebitso la hae e le Johanne.
7Eo a tla ho ba paki, hore a pake tsa lesedi, bohle ba tle ba dumele ka yena.
8E ne e se yena lesedi, empa o ne a romilwe hore a tle ho paka tsa lesedi.
9E ne e le lona lesedi la nnete, le bonesetsang motho e mong le e mong ya hlahang lefatsheng.
10Le ne le le lefatsheng, mme lefatshe le hlahile ka lona, mme lefatshe ha le a ka la le tseba.
11Le ne le tle habo lona, mme ba habo lona ha ba ka ba le amohela.