Johanne
Khaolo 10:17-23
BIBELE e Halalelang
17Seo ke ratwang ke Ntate ka baka la sona ke hobane ke bea bophelo ba ka, ke tle ke boele ke bo nke.
18Ha ho motho ya nkamohang bona; ke nna ke bo beang ka ho rata ha ka; ke na le matla a ho bo bea, le matla a ho boela ke bo nka. Taelo eo ke e nkile ho Ntate.
19Yaba phapang e boela e eba teng hara Bajuda ka baka la dipolelo tseo.
20Ba bangata ho bona ba ne ba re: O na le motemona, o a hlanya; le mo mamellang na?
21Ba bang ba ne ba re: Ditaba tseo hase tsa motho ya nang le motemona. Na motemona a ka tutubolla mahlo a difofu na?
22Mokete wa Ntjhafalo ya tempele o no o etswa Jerusalema; e ne e le mariha.
23Jesu o ne a itsamaela tempeleng, mathuleng a Salomone.