Johanne
Khaolo 10:28-34
BIBELE e Halalelang
28Nna ke di fa bophelo bo sa feleng, mme di ke ke tsa timela le ka mohla o le mong, mme ha ho motho ya ka di utlang letsohong la ka.
29Ntate ya nneileng tsona o moholo ho bohle; mme ha ho motho ya ka di utlang letsohong la Ntate.
30Nna le Ntate, re bang feela.
31Jwale, Bajuda ba boela ba thola majwe, ba tle ba mo tlepetse.
32Jesu a ba araba, a re: Ke le bontshitse mesebetsi e mengata e metle, e tswang ho Ntate; ke tlepeletswa ofe ho yona na?
33Bajuda ba mo fetola, ba re: Ha o tlepeletswe mosebetsi o motle, empa ke ka baka la nyefolo, kahobane o re o le motho, o iketsa Modimo.
34Jesu a ba araba, a re: Na ha ho a ngolwa molaong wa lona, ho thwe: Ke itse: Le medimo?