Johanne
Khaolo 10:4-10
BIBELE e Halalelang
4Ere hobane a ntshe dinku tsa hae, a di etelle pele, mme dinku di mo latele, kahobane di tseba lentswe la hae.
5Osele di ke ke tsa mo latela, empa di ka mmalehela, kahobane di sa tsebe lentswe la osele.
6Jesu a ba bolella papiso eo, empa bona ha ba ka ba utlwisisa tseo a ba bolellang tsona hore na ke dife.
7Jesu a boela a re ho bona: Kannetenete ke re ho lona: Ke nna monyako wa dinku.
8Bohle ba tlileng pele ho nna, e ne e le mashodu le dinokwane, empa dinku ha di a ka tsa ba utlwa.
9Ke nna monyako; ekare ha motho a kena ka nna, o tla bolokeha; o tla nne a kene, a tswe, a bone makgulo.
10Senokwane ha se tle haese ho utswa, le ho hlaba, le ho timetsa feela; nna, ke tlile hore di be le bophelo, di bo bone ka ho fetisisa.