Johanne
Khaolo 11:41-47
BIBELE e Halalelang
41Jwale, ba tlosa lejwe moo mofu a beilweng teng. Yaba Jesu o emisetsa mahlo a hae hodimo, a re: Ntate, ke a o leboha hobane o nkutlwile.
42Ke a tseba hobane o nkutlwa kamehla; empa ke buile jwalo ka baka la bongata bo nteetseng hare, bo tle bo dumele hobane ke wena ya nthomileng.
43Eitse hobane a bolele tseo, a howa ka lentswele le holo, a re: Lasaro, tswa moo!
44Yaba mofu o tswa a thatilwe matsoho le maoto ka masela, a kgurumeditswe sefahleho ka tuku. Jesu a re ho bona: Mo lokolleng, le mo lesele a itsamaele.
45Ba bangata hara Bajuda ba neng ba tlile ho Maria, ha ba bona tse entsweng ke Jesu, ba dumela ho yena.
46Empa ba bang ho bona ba ya ho bafarisi, ba ba phetela tseo Jesu a di entseng.
47Yaba baprista ba baholo le bafarisi ba bokella lekgotla, ba re: Re tla etsang, haele mona motho eo a etsa mehlolo e mengata na?