Johanne
Khaolo 11:45-51
BIBELE e Halalelang
45Ba bangata hara Bajuda ba neng ba tlile ho Maria, ha ba bona tse entsweng ke Jesu, ba dumela ho yena.
46Empa ba bang ho bona ba ya ho bafarisi, ba ba phetela tseo Jesu a di entseng.
47Yaba baprista ba baholo le bafarisi ba bokella lekgotla, ba re: Re tla etsang, haele mona motho eo a etsa mehlolo e mengata na?
48Ekare ha re mo lesela jwalo, bohle ba tla dumela ho yena, mme Baroma ba tla tla, ba timetse motse wa rona le setjhaba sa rona.
49E mong wa bona, Kaiafa, eo e neng e le moprista e moholo ka selemo seo, a re ho bona: Lona, ha le utlwisise letho.
50Ha le hopole hobane ho ka ba molemo ho rona ha setjhaba se ka shwelwa ke motho a le mong, setjhaba kaofela se se ke sa timela.
51O ne a sa bue jwalo a iqalla, empa, kahobane e ne e le moprista e moholo ka selemo seo, a poforeta hore Jesu o tshwanetse ho tla shwela setjhaba,