Johanne
Khaolo 11:52-57
BIBELE e Halalelang
52e seng setjhaba feela, empa le hore a bokelle hammoho bana ba Modimo ba qhalaneng.
53Ho qala mohlang oo, ba rera hammoho hore ba tle ba mmolaye.
54Ka baka leo, Jesu ha a ka a hlola a tsamaya pontsheng hara Bajuda; a mpa a tloha moo, a ya motseng o bitswang Efraime, naheng e haufi le nahathote, mme e hlola teng le barutuwa ba hae.
55Paseka ya Bajuda ha e se e le haufi, ba bangata ba nyolohela Jerusalema, e eso ho be Paseka, ba tle ba itlhwekise.
56Ba ne ba batla Jesu, ba botsana ba eme tempeleng, ba re: Lona, ha le lekanya, le reng? Na a ke ke a tla moketeng?
57Mme baprista ba baholo le bafarisi ba ne ba entse molao wa hore, ekare ha motho a tseba moo a leng teng, e ka kgona a mmolele, ba tle ba mo tshware.