Johanne
Khaolo 12:10-16
BIBELE e Halalelang
10Baprista ba baholo ba mpa ba rera hammoho ho bolaya le yena Lasaro.
11Hobane Bajuda ba bangata ba ne ba ba tlohela ka baka la hae, mme ba ne ba dumela ho Jesu.
12Ka hosasane, bongata bo boholo bo tlileng moketeng, yare ha bo utlwa hore Jesu o tla Jerusalema,
13ba nka makala a difate tsa palema, mme ba tswela ho mo kgahlanyetsa, ba howa, ba re: Hosanna! ho bokwe morena wa Iseraele, ya tlang ka lebitso la Morena!
14Jesu a fumana petsana ya esele, a e kalla; jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe:
15Se tshabe, moradi wa Sione; bona, Morena wa hao ke eo ya tlang, a kaletse petsana ya esele.
16Barutuwa ba hae ha ba ka ba utlwisisa taba tseo, hona mohlang oo; empa, eitse hobane Jesu a tlotliswe, ba elellwa hobane taba tseo di ne di ngodilwe hodima hae, le hobane ba mo entse tsona.