Johanne
Khaolo 12:29-35
BIBELE e Halalelang
29Bongata bo emeng moo, hobane bo utlwe, ba re: Le dumile. Ba bang ba re: Lengeloi le buile le yena.
30Jesu a araba, a re: Lentswe leo ha le a etsetswa nna, empa le etseditswe lona.
31Jwale, e se e le kahlolo ya lefatshe lena; jwale, morena wa lefatshe lena o tla lelekelwa ntle.
32Mme nna, etlare hobane ke nyollwe lefatsheng, ke tla hulela batho bohle ho nna.
33A rialo a lekanya lefu leo a tla shwa ka lona.
34Bongata ba mo araba, ba re: Rona re utlwile ka molao hore Kreste o tla ba teng ka ho sa feleng, mme wena, o bolela jwang hobane e ka kgona Mora motho a nyollwe na? Mora motho eo ke mang?
35Jesu a re ho bona: Le sa na le lesedi ka motsotso o se okae. Tsamayang ha le sa na le lesedi, hore lefifi le se ke la le tshwara; hobane ya tsamayang lefifing, ha a tsebe moo a yang teng.