Johanne
Khaolo 12:36-42
BIBELE e Halalelang
36Ha le sa ntse le ena le lesedi, dumelang ho lesedi, le tle le fetohe bana ba lesedi.Jesu a bolela taba tseo, a ntoo tloha, a ipatela bona.
37Leha a ne a entse mehlolo e kalo pontsheng ho bona, ba ne ba sa dumele ho yena;
38hore ho tle ho etsahale polelo ya moporofeta Esaia, ha a re: Morena, ke mang ya dumetseng seo a se utlwileng ho rona? Mme letsoho la Morena le bonahetse ho mang?
39Ka baka leo, ba ne ba sitwa ho dumela, hobane Esaia o boetse a re:
40O foufaditse mahlo a bona, mme o ba thatafaditse dipelo, hore ba se ke ba bona ka mahlo, ba se ke ba utlwisisa ka dipelo, ba se ke ba sokoloha, mme ke se ke ka ba fodisa.
41Esaia o boletse taba tseo, mohla a bonang kganya ya hae, mme a bolela tsa hae.
42Leha ho le jwalo, ba bangata, le hara baholo, ba dumela ho yena; empa ba ne ba sa ipolele ka baka la bafarisi, esere ba lelekwa sinagogeng;