Johanne
Khaolo 12:39-45
BIBELE e Halalelang
39Ka baka leo, ba ne ba sitwa ho dumela, hobane Esaia o boetse a re:
40O foufaditse mahlo a bona, mme o ba thatafaditse dipelo, hore ba se ke ba bona ka mahlo, ba se ke ba utlwisisa ka dipelo, ba se ke ba sokoloha, mme ke se ke ka ba fodisa.
41Esaia o boletse taba tseo, mohla a bonang kganya ya hae, mme a bolela tsa hae.
42Leha ho le jwalo, ba bangata, le hara baholo, ba dumela ho yena; empa ba ne ba sa ipolele ka baka la bafarisi, esere ba lelekwa sinagogeng;
43hobane ba ratile thoriso e tswang ho batho, ho fetisa thoriso e tswang ho Modimo.
44Jesu a mpa a howa, a re: Ya dumelang ho nna, ha a dumele ho nna, empa o dumela ho ya nthomileng.
45Ya ntadimang, o tadima ya nthomileng.