Johanne
Khaolo 12:45-50
BIBELE e Halalelang
45Ya ntadimang, o tadima ya nthomileng.
46Nna, ke tlile lefatsheng, ke le lesedi, hore e mong le e mong ya dumelang ho nna, a se ke a dula lefifing.
47Ekare ha e mong a utlwa mantswe a ka, mme a sa dumele, nna ha ke mo ahlole; hobane ha ke a tla ho ahlola lefatshe, empa e le ho pholosa lefatshe.
48Ya ntahlang, mme a sa amohele mantswe a ka, o na le ya mo ahlolang; lentswe leo ke le buileng, ke lona le tla mo ahlola ka letsatsi la bofelo.
49Hobane ha ke a ka ka bolela ke iqalla tsa ka, empa Ntate ya nthomileng ke yena ya nneileng taelo ya seo ke tla se bolela, le ya mokgwa oo ke tla se bolela ka wona.
50Mme ke a tseba hobane taelo ya hae ke bophelo bo sa feleng; mme jwale, seo ke se bolelang, ke se bolela jwalokaha Ntate a mpoleletse sona.