Johanne
Khaolo 12:8-14
BIBELE e Halalelang
8Hobane haele bafumanehi, le tla nne le be le bona kamehla; empa nna, le ke ke la ba le nna kamehla.
9Bajuda ba bangata haholo ba utlwa hore o hona moo, mme ba tla, e seng ho bona Jesu feela, ba tla le ho bona Lasaro eo a neng a mo tsositse bafung.
10Baprista ba baholo ba mpa ba rera hammoho ho bolaya le yena Lasaro.
11Hobane Bajuda ba bangata ba ne ba ba tlohela ka baka la hae, mme ba ne ba dumela ho Jesu.
12Ka hosasane, bongata bo boholo bo tlileng moketeng, yare ha bo utlwa hore Jesu o tla Jerusalema,
13ba nka makala a difate tsa palema, mme ba tswela ho mo kgahlanyetsa, ba howa, ba re: Hosanna! ho bokwe morena wa Iseraele, ya tlang ka lebitso la Morena!
14Jesu a fumana petsana ya esele, a e kalla; jwalokaha ho ngodilwe, ho thwe: