Johanne
Khaolo 13:12-18
BIBELE e Halalelang
12Yare hobane a qete ho hlatswa maoto a bona, a nka kobo ya hae, a boela a dula; mme a re ho bona: Hleka le utlwisisa seo ke le entseng sona na?
13Le mpitsa Moruti le Morena, mme le bolela hantle, hobane ke yena.
14Mme jwale, ekare ha nna, ke leng Morena le Moruti, ke hlatswitse maoto a lona, le lona le tshwanetse ho hlatswana maoto.
15Hobane ke le beetse mohlala, hore le etse jwalokaha ke le entse.
16Kannetenete ke re ho lona: Mohlanka ha a moholo ho morena wa hae, le lenqosa ha le leholo ho ya le romileng.
17Ekare ha le tseba taba tseo, le lehlohonolo ha le di etsa.
18Ha ke bue ka lona kaofela; ke tseba bao ke ba kgethileng, empa ke hore Lengolo le tle le etsahale, le reng: Ya jang bohobe le nna o nthahile ka serethe sa hae.