Johanne
Khaolo 13:14-20
BIBELE e Halalelang
14Mme jwale, ekare ha nna, ke leng Morena le Moruti, ke hlatswitse maoto a lona, le lona le tshwanetse ho hlatswana maoto.
15Hobane ke le beetse mohlala, hore le etse jwalokaha ke le entse.
16Kannetenete ke re ho lona: Mohlanka ha a moholo ho morena wa hae, le lenqosa ha le leholo ho ya le romileng.
17Ekare ha le tseba taba tseo, le lehlohonolo ha le di etsa.
18Ha ke bue ka lona kaofela; ke tseba bao ke ba kgethileng, empa ke hore Lengolo le tle le etsahale, le reng: Ya jang bohobe le nna o nthahile ka serethe sa hae.
19Ke le bolella taba eo e sa le jwale, e eso ho hlahe, hore mohla e hlahang, le dumele hobane ke nna.
20Kannetenete ke re ho lona: Ya amohelang eo ke mo romang, o amohela nna; mme ya amohelang nna, o amohela ya nthomileng.