Johanne
Khaolo 13:20-26
BIBELE e Halalelang
20Kannetenete ke re ho lona: Ya amohelang eo ke mo romang, o amohela nna; mme ya amohelang nna, o amohela ya nthomileng.
21Eitse ha Jesu a boletse taba tseo, a sisimoha moyeng, a tiisa, a re: Kannetenete ke re ho lona: E mong wa lona o tla nkeka.
22Yaba barutuwa ba tadimana, ba tsielwa hoba o lekanya mang.
23E mong wa barutuwa ba hae, eo Jesu a mo ratang, o ne a itshetlile sefubeng sa Jesu.
24Yaba Simone Petrose o mo nyemotsa, hore a botse hoba o bolela mang.
25Eo, ha a ntse a itshetlehile sefubeng sa Jesu, a mmotsa, a re: Morena, ke mang?
26Jesu a araba, a re: Ke yena eo ke tla mo nea sengwathwana, hobane ke se qopetse. Eitse hobane a se qopetse, a se nea Judase Iskariota, mora Simone.