Johanne
Khaolo 13:9-15
BIBELE e Halalelang
9Simone Petrose a re ho yena: Morena, a e se be maoto a ka feela, e be le wona matsoho le hlooho.
10Jesu a re ho yena: Ya seng a hlatswitswe ha a sa na ho hlatsuwa, haese maoto feela, mme etlaba o se a hlwekile kahohle. Lona le hlwekile, empa e seng bohle.
11Hobane o ne a tseba ya tla mo eka; ke ka baka leo a itseng: Ha le a hlweka bohle.
12Yare hobane a qete ho hlatswa maoto a bona, a nka kobo ya hae, a boela a dula; mme a re ho bona: Hleka le utlwisisa seo ke le entseng sona na?
13Le mpitsa Moruti le Morena, mme le bolela hantle, hobane ke yena.
14Mme jwale, ekare ha nna, ke leng Morena le Moruti, ke hlatswitse maoto a lona, le lona le tshwanetse ho hlatswana maoto.
15Hobane ke le beetse mohlala, hore le etse jwalokaha ke le entse.