Johanne
Khaolo 14:12-18
BIBELE e Halalelang
12Kannetenete ke re ho lona: Ya dumelang ho nna, mesebetsi eo ke e etsang, o tla e etsa le yena, o tla etsa le e fetisang ena, kahobane ke ya ho Ntate;
13mme tsohle tseo le tla di kopa ka lebitso la ka, ke tla di etsa, hore Ntate a tlotliswe ka Mora.
14Ekare ha le kopa ntho ka lebitso la ka, ke tla e etsa.
15Ekare ha le nthata, bolokang melao ya ka.
16Mme ke tla rapela Ntate, mme o tla le nea Moemedi e mong, a tle a dule le lona ka ho sa feleng;
17ke ho re, Moya wa nnete, oo lefatshe le sa tlo ka le o amohela, kahobane ha le o bone, mme ha le o tsebe; empa lona le a o tseba, hobane o dula le lona, mme o tla ba ka ho lona.
18Ha nka ke ka le tlohela la ba dikgutsana; ke sa tla boela ho lona.