Johanne
Khaolo 14:14-20
BIBELE e Halalelang
14Ekare ha le kopa ntho ka lebitso la ka, ke tla e etsa.
15Ekare ha le nthata, bolokang melao ya ka.
16Mme ke tla rapela Ntate, mme o tla le nea Moemedi e mong, a tle a dule le lona ka ho sa feleng;
17ke ho re, Moya wa nnete, oo lefatshe le sa tlo ka le o amohela, kahobane ha le o bone, mme ha le o tsebe; empa lona le a o tseba, hobane o dula le lona, mme o tla ba ka ho lona.
18Ha nka ke ka le tlohela la ba dikgutsana; ke sa tla boela ho lona.
19Ho se ho se hokae, mme lefatshe ha le sa tla mpona; empa lona le tla mpona; erekaha nna ke phela, le lona le tla phela.
20Ka tsatsi leo, le tla tseba hobane nna ke ho Ntate, le lona le ho nna, le nna ke ho lona.