Johanne
Khaolo 15:9-15
BIBELE e Halalelang
9Jwalokaha Ntate a nthatile, le nna ke le ratile jwalo; dulang leratong la ka.
10Ha le boloka melao ya ka, le tla dula leratong la ka, jwalokaha le nna ke bolokile melao ya Ntate, mme ke dutse leratong la hae.
11Ke le boleletse taba tseo, hore thabo ya ka e dule ho lona, mme thabo ya lona e tlale.
12Molao wa ka ke hoba le ratane, jwalokaha ke le ratile.
13Ha ho motho ya nang le lerato le fetang la ya tellang metswalle ya hae bophelo ba hae.
14Lona le tla ba metswalle ya ka, ha le etsa tsohle tseo ke le laelang tsona.
15Ha ke sa tla le bitsa bahlanka, kahobane mohlanka ha a tsebe se etswang ke morena wa hae; ke le bitsitse metswalle, kahobane ke le tsebisitse tsohle tseo ke di utlwileng ho Ntate.