Johanne
Khaolo 16:1-4
BIBELE e Halalelang
1Ke le boleletse taba tseo, le tle le se ke la kgoptjwa.
2Ba tla le leleka masinagogeng; esita le nako e a tla, eo e mong le e mong ya le bolayang a tla hloma eka o sebeletsa Modimo.
3Ba tla le etsa tseo, ke hobane ha ba tsebe Ntate, leha e le nna.
4Ke mpa ke le boleletse taba tseo, hore nako ya tsona ha e tlile, le tle le hopole hobane ke na be ke le boleletse tsona. Ha ke sa ka ka le bolella tsona esale ho qaleng, ke hobane ke ne ke sa na le lona.