Johanne
Khaolo 16:5-11
BIBELE e Halalelang
5Jwale ke ya ho ya nthomileng, mme ha ho e mong ho lona ya mpotsang hore: O ya kae?
6Empa kahobane ke le boleletse tseo, dipelo tsa lona di tletse maswabi.
7Leha ho le jwalo, ke le bolella nnete: ho molemo ho lona ha nka ikela; hobane ha ke sa ye, Moemedi a ke ke a tla ho lona; empa ha ke eya, ke tla mo romela ho lona.
8Mme etlare hobane yena a tle, o tla kgodisa lefatshe, hore sebe se teng, le ho loka, le kahlolo:
9sebe se teng, hobane ha ba dumele ho nna;
10ho loka ho teng, hobane ke ya ho Ntate, mme le ke ke la hlola le mpona;
11kahlolo e teng, hobane morena wa lefatshe lena o se a ahlotswe.