Johanne
Khaolo 16:8-14
BIBELE e Halalelang
8Mme etlare hobane yena a tle, o tla kgodisa lefatshe, hore sebe se teng, le ho loka, le kahlolo:
9sebe se teng, hobane ha ba dumele ho nna;
10ho loka ho teng, hobane ke ya ho Ntate, mme le ke ke la hlola le mpona;
11kahlolo e teng, hobane morena wa lefatshe lena o se a ahlotswe.
12Ke sa na le ditaba tse ngata tseo nka beng ke le bolella tsona; empa haele jwale, di ka le imela.
13Empa etlare hobane eo a tle, e leng Moya wa nnete, o tla le tsamaisa nneteng yohle; hobane o ke ke wa bua o iqalla tsa wona; empa tsohle tseo o di utlwileng, o tla di bolela; le hona o tla le tsebisa tse tla tla.
14Wona o tla ntlotlisa, hobane o tla nka tse ho nna, o le tsebise tsona.