Johanne
Khaolo 17:12-18
BIBELE e Halalelang
12Enere ha ke sa na le bona lefatsheng, ka nna ka ba boloka ka lebitso la hao. Ke sireleditse bao o nneileng bona, mme ha ho le a mong wa bona ya timetseng, haese mora timelo, hore Lengolo le etsahale.
13Empa jwale, ke tla ho wena, mme ke bolela taba tsena ke sa le lefatsheng, hore ba be le thabo ya ka, mme e tlale ho bona.
14Ke ba file lentswe la hao, mme lefatshe le ba hloile, kahobane e se ba lefatshe, jwalokaha le nna ke se wa lefatshe.
15Ha ke o rapele hore o ba tlose lefatsheng, empa e le hore o ba sireletse bobeng.
16Hase ba lefatshe, jwalokaha le nna ke se wa lefatshe.
17O ba halaletse ka nnete ya hao; lentswe la hao ke nnete.
18Jwalokaha o nthomile lefatsheng, le nna ke ba romile lefatsheng.