Johanne
Khaolo 18:21-27
BIBELE e Halalelang
21O mpotsetsang? Botsa ba utlwileng seo ke ba boleletseng sona; ke bona ba tsebang seo ke se boletseng.
22Eitse hobane a rialo, e mong wa bahlanka ya emeng moo a otla Jesu ka thupa, a re: Na o araba moprista e moholo jwalo na?
23Jesu a mo araba, a re: Ha ke buile hampe, bolela bobe ba ka; empa ha ke buile hantle, o nkotlelang na?
24Anna a ntoo mo romela, a ntse a tlamilwe, ho Kaiafa, moprista e moholo.
25Haele Simone Petrose, o ne a ntse a eme moo, a ikomositse. Yaba ba re ho yena: Ha o morutuwa e mong wa hae le wena na? A latola, a re: Ha ke yena.
26E mong wa bahlanka ba moprista e moholo, e leng wa habo eo Petrose a mo kgaotseng tsebe, a re ho yena: Na ha ke a ka ka o bona le yena tshimong eo na?
27Empa Petrose a boela a latola; yaba mokoko o se o lla.