Johanne
Khaolo 18:24-30
BIBELE e Halalelang
24Anna a ntoo mo romela, a ntse a tlamilwe, ho Kaiafa, moprista e moholo.
25Haele Simone Petrose, o ne a ntse a eme moo, a ikomositse. Yaba ba re ho yena: Ha o morutuwa e mong wa hae le wena na? A latola, a re: Ha ke yena.
26E mong wa bahlanka ba moprista e moholo, e leng wa habo eo Petrose a mo kgaotseng tsebe, a re ho yena: Na ha ke a ka ka o bona le yena tshimong eo na?
27Empa Petrose a boela a latola; yaba mokoko o se o lla.
28Jwale, ba tloha ho Kaiafa; ba isa Jesu kgotla; e ne e le kameso; empa bona ha ba ka ba kena kgotla ka sebele sa bona, hore ba tle ba se ke ba itshilafatsa, ba tle ba tsebe ho ja Paseka.
29Ka baka leo, Pilato a tswela ho bona, a re: Na le qosa motho eo ka dife?
30Ba araba, ba re ho yena: Hoja enwa hase sesenyi, re ka be re sa ka ra o neela yena.