Johanne
Khaolo 18:7-13
BIBELE e Halalelang
7Yaba o boela a ba botsa, a re: Le batla mang? Ba re: Jesu wa Nasaretha.
8Jesu a araba, a re: Ke le boleletse hore ke nna enwa. Ha le fela le batla nna, lesang batho bana ba ikele.
9Ya eba hore lentswe le etsahale, leo a neng a le boletse, ha a itse: Ha ke a ka ka lahla le a mong wa bao o nneileng bona.
10Simone Petrose o ne a ena le sabole; a e tsomola, a hlatha mohlanka wa moprista e moholo, a mo kgaola tsebe e tona. Lebitso la mohlanka eo e ne e le Malkuse.
11Yaba Jesu o re ho Petrose: Busetsa sabole ya hao selateng; na nke ke ka nwa senwelo seo ke se neilweng ke Ntate?
12Jwale sehlopha, le molaodi wa sekete, le bahlanka ba Bajuda, ba tshwara Jesu, ba mo tlama,
13ba mo isa ho Anna pele; hobane e ne e le ntata mosadi wa Kaiafa, moprista e moholo wa selemo seo.