Johanne
Khaolo 19:1-7
BIBELE e Halalelang
1Jwale, Pilato a nka Jesu, a mo shapa.
2Bahlabani ba loha mofapahlooho wa meutlwa, ba mo rwesa wona hloohong; ba mo apesa le kobo ya purepera;
3ba ntoo mo atamela, ba re: Dumela, morena wa Bajuda! Hape ba ne ba mo otla ka thupa.
4Yaba Pilato o boela a tswela ntle, mme a re ho bona: Bonang, ke mo ntshetsa ntle ho lona, le tle le tsebe hobane ha ke fumane molato ho yena, leha o le mong.
5Mme Jesu a tswela ntle a le jwalo, a rwetse mofapahlooho wa meutlwa, a apere kobo ya purepera. Pilato a re ho bona: Bonang, motho ke enwa.
6Empa baprista ba baholo le bahlanka, yare ha ba mmona, ba howa, ba re: Mo thakgise! mo thakgise! Pilato a re ho bona: Mo nkeng e le lona, le mo thakgise; hobane nna ha ke fumane molato ho yena.
7Bajuda ba mo araba, ba re: Re na le molao, mme ka molao wa rona o lokelwa ke ho shwa, hobane o ikentse Mora wa Modimo.