Johanne
Khaolo 2:18-24
BIBELE e Halalelang
18Yaba Bajuda ba bua, ba re ho yena: O ya re bontsha pontsho efe, haele moo o etsa tse jwalo?
19Jesu a araba, a re ho bona: Qhaqhang tempele ena, mme ke tla e tsosa ka matsatsi a mararo.
20Yaba Bajuda ba re: Tempele ena e hahilwe ka dilemo tse mashome a mane a metso e tsheletseng, mme wena o re, o tla e tsosa ka matsatsi a mararo na?
21Athe yena o ne a bolela tempele ya mmele wa hae.
22Eitse hobane a tsohe bafung, barutuwa ba hae ba elellwa hobane o ne a ba boleletse taba eo; mme ba dumela Lengolo, le taba e neng e boletswe ke Jesu.
23Yare a sa le Jerusalema, ka Paseka, mohla mokete, batho ba bangata ba dumela lebitso la hae, ha ba bona mehlolo eo a e etsang.
24Empa Jesu yena o ne a sa ba tshepe, kahobane a ne a ba tseba kaofela,