Johanne
Khaolo 2:2-8
BIBELE e Halalelang
2Jesu le yena a biletswa bohading le barutuwa ba hae.
3Mme veine ya fela. Yaba mma Jesu o re ho yena: Ha ba na veine.
4Jesu a re ho yena: Mosadi, taba ya ka le wena ke efe? Nako ya ka ha e eso ho tle.
5Mmae a re ho bahlanka: Etsang kahohle kamoo a tla le bolella kateng.
6Dinkgo tsa majwe tse tsheletseng di ne di le teng, tseo Bajuda ba itlhatswang ho tsona; e nngwe le e nngwe e ne e tlatswa ke ditekanyo tse pedi, kapa tse tharo.
7Jesu a re ho bona: Tlatsang dinkgo tseo ka metsi. Ba di tshela, tsa ba tsa tlala.
8Yaba o re ho bona: Kgang jwale, le isetse monga mokete. Mme ba mo isetsa.