Johanne
Khaolo 2:5-11
BIBELE e Halalelang
5Mmae a re ho bahlanka: Etsang kahohle kamoo a tla le bolella kateng.
6Dinkgo tsa majwe tse tsheletseng di ne di le teng, tseo Bajuda ba itlhatswang ho tsona; e nngwe le e nngwe e ne e tlatswa ke ditekanyo tse pedi, kapa tse tharo.
7Jesu a re ho bona: Tlatsang dinkgo tseo ka metsi. Ba di tshela, tsa ba tsa tlala.
8Yaba o re ho bona: Kgang jwale, le isetse monga mokete. Mme ba mo isetsa.
9Yare ha monga mokete a latswa metsi a fetohileng veine, a sa tsebe moo e tswang teng, ho tsejwa ke bahlanka feela ba kgileng metsi, monga mokete a bitsa monyadi,
10a re ho yena: Batho bohle ba ye ba bee veine e monate pele, mme ere hobane ho nowe haholo, ebe hona ho tliswang e botswa: wena veine e monate o e bolokile ho fihlela jwale.
11Mohlolo ona, oo Jesu a qadileng ka wona, o ne a o etse Kana wa Galelea; a bontsha kganya ya hae, mme barutuwa ba hae ba dumela ho yena.