Johanne
Khaolo 3:29-35
BIBELE e Halalelang
29Ya nang le monyaduwa ke monyadi; empa motswalle wa monyadi ya emeng teng le ho mo utlwa, o ye a thabe ka thabo e kgolo, ha a utlwa lentswe la monyadi. Thabo ya ka, e leng e jwalo, e phethehile.
30E ka kgona yena a hole, mme nna ke bobe.
31Ya tswang lehodimong o kahodimo ho bohle, ya tswang lefatsheng ke wa lefatshe, mme o bua e le wa lefatshe; ya tswang lehodimong o kahodimo ho bohle.
32Seo a se boneng, le seo a se utlwileng, o a se paka; empa ha ho motho ya amohelang bopaki ba hae.
33Ya amohetseng bopaki ba hae, o tiisitse hore Modimo ke wa nnete.
34Hobane ya romilweng ke Modimo o bolela mantswe a Modimo, hobane Modimo ha o mo nee Moya ka tekanyo.
35Ntate o rata Mora, mme o mo neile dintho tsohle matsohong.