Johanne
Khaolo 3:3-9
BIBELE e Halalelang
3Jesu a araba, a re ho yena: Kannetenete ke re ho wena: Motho ha a sa tswalwe la bobedi, o sitwa ho bona mmuso wa Modimo.
4Nikodema a re ho yena: Na motho a ka tswalwa jwang ha a se a tsofetse? Na a ka boela a kgutlela popelong ya mmae, a boela a tswalwa?
5Jesu a araba, a re: Kannetenete ke re ho wena: Motho ha a sa tswalwe ka metsi le ka Moya, o sitwa ho kena mmusong wa Modimo.
6Se tswetsweng ke nama, ke nama; mme se tswetsweng ke Moya, ke moya.
7Se makale, ha ke re ho wena: E ka kgona le tswalwe la bobedi.
8Moya o fokela moo o ratang teng, mme o utlwa modumo wa wona, empa ha o tsebe moo o tswang teng, le moo o yang teng. Ho jwalo le ho bohle ba tswetsweng ke Moya.
9Nikodema a araba, a re ho yena: Tseo di ka etswa jwang na?