Johanne
Khaolo 3:5-11
BIBELE e Halalelang
5Jesu a araba, a re: Kannetenete ke re ho wena: Motho ha a sa tswalwe ka metsi le ka Moya, o sitwa ho kena mmusong wa Modimo.
6Se tswetsweng ke nama, ke nama; mme se tswetsweng ke Moya, ke moya.
7Se makale, ha ke re ho wena: E ka kgona le tswalwe la bobedi.
8Moya o fokela moo o ratang teng, mme o utlwa modumo wa wona, empa ha o tsebe moo o tswang teng, le moo o yang teng. Ho jwalo le ho bohle ba tswetsweng ke Moya.
9Nikodema a araba, a re ho yena: Tseo di ka etswa jwang na?
10Jesu a araba, a re ho yena: Wena o moruti wa Iseraele, mme ha o tsebe taba tseo!
11Kannetenete ke re ho wena: Re bolela seo re se tsebang, mme re paka seo re se boneng; empa ha le amohele bopaki ba rona.