Johanne
Khaolo 5:30-36
BIBELE e Halalelang
30Ke sitwa ho etsa letho ke nnotshi; ke ahlola kamoo ke utlwang kateng, mme kahlolo ya ka e lokile, kahobane ha ke batle ho ratwang ke nna, ke mpa ke batla ho ratwang ke Ntate ya nthomileng.
31Ekare ha ke ipaka, ho paka ha ka hase ha nnete.
32E mong o teng ya mpakang, mme ke tseba hobane bopaki boo a mpakang ka jona ke ba nnete.
33Lona le rometse ho Johanne, mme o pakile nnete.
34Haele nna, ha ke amohele bopaki ho motho, ke mpa ke bolela taba tsena hore le tle le bolokehe.
35Johanne e ne e le lebone le tukang, le kganyang, mme lona le ithatetse ho nyakalla leseding la hae ka mehla e se mekae.
36Empa nna, ke na le bopaki bo boholo ho ba Johanne; hobane mesebetsi eo ke e neilweng ke Ntate hore ke e etse, yona mesebetsi eo ke e etsang, ke yona e mpakang hore Ntate o nthomile.